
Ngoan’e motona ke pholo ea lira Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Nke ke be ka hloloa ke tsamaile, ntoa lumela Tumelo eaka ho uena 'mopi e nts’ebelelitse Ka 'mele pelo le moea ke ikemiselitse Ke ikemiselitse ho u rorisa sesafeleng Ke ikemiselitse ho ba moetapele, bana beso nthapelleng, nthapelleng Tsena tsohle kea li bona, empa lefufa (lefufa) Lefufa (lefufa) Lefufa (lefufa) Lefufa le na le matla a ho tsosa bora pelong tse nang le bona Litoro tsa ka ke li fihletse empa le tsatsing lena ke ntse ke lora Ba re empa le tsatsing lena ntse ke ithoka Ntse ke popa ebile ha ke khathale matla Mahlabaphieo ting ntse ke le bona Ke malala-a-laotsoe ke emetse feela hothoe naha e jele boea Ngoan’e motona ke pholo ea lira Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Nke ke be ka hloloa ke tsamaile, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela Ho tla tlola litlhase 'Na ha ke s’o re ntja lifasoe Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela Kh’omandara e lokolotse mabotho E lokolotse mabotho Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela Ho tla tlola litlhase 'Na ha ke s’o re ntja lifasoe Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela, lumela E lokolotse mabotho Kh’omandara e lokolotse mabotho Ngoan’e motona ke pholo ea lira Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Nke ke be ka hloloa ke tsamaile, ntoa lumela Ba ee ba re mots’eare ke setlhare hoba mafu a tota bosiu Tse ling tsa lintho ha li lebalehe, ke re le ha ho ka ba ha feta lits’iu Bosiu ba mohla monene, pharela ene e hlotse banneng Taba li hlabile tlou, lipere li hulanya lipalami majoeng Ha re chechele maroa bo-ntoa-lumela re thula banna ha e fele Re ka mpa ra tselisana ka hore se ja monna ha se mo qete Re tla e loana ea khumamela le ha e ka ba boima ha re tele Le mapantsola rea tlaoetse le ha a ka ba ha re cheche Ba famola linko, ba tona mahlo eaba e se e le ha kupa Mabelete a khothotseha, a tsholoha joalo ka pula hoa thijoa melamu ka lifuba Ekare khang ea banna e tla khaoloa ke letlaka, ho tla khabola lithunya Ngoan’e motona ke pholo ea lira Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Ke pholo ea lira, ke hlabeloa manong Nke ke be ka hloloa ke tsamaile, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela Ho tla tlola litlhase 'Na ha ke s’o re ntja lifasoe Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela Kh’omandara e lokolotse mabotho E lokolotse mabotho Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela Ho tla tlola litlhase 'Na ha ke s’o re ntja lifasoe Ntoa, ntoa, ntoa lumela Ntoa, ntoa, ntoa, ntoa, ntoa lumela, lumela E lokolotse mabotho Kh’omandara e lokolotse mabotho
Песен-НИКИ
Загрузка...
Другие песни Kommanda Obbs
Все песни →Похожие песни

Бигасс
SODA LUV
Ничего личного
Русский рэп201975,448

Бандана
Платина
РНБ КЛУБ
Русский рэп201859,980

Свадебное путешествие
Александр Буйнов
Острова любви
Русская эстрада199954,906

Каспий жағалауы
Azamat
Поп200134,438

Шпилька-каблучок
Лолита
Анатомия
Русская эстрада201433,308

Девочка 2D
Dead Rave
Singles 15-17
Русский рэп201828,891